Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 26:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ho ekelletsa moo, a etsa likofuto tsa ntoa Jerusalema, tse qapiloeng ke baetsi ba likofuto tsa mesebetsi, e le hore li ka ba holim ’a litora+ le holim ’a likhutlo, hore li fule metsu le majoe a maholo. Ka lebaka leo botumo+ ba hae ba fihla hōle, etsoe o ile a thusoa ka ho hlollang ho fihlela a e-ba matla.

  • Moeklesia 9:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ho ne ho e-na le motse o monyenyane, ’me banna ba leng ho oona e ne e le ba seng bakae; morena e moholo a tla ho oona, ’me a o lika-liketsa le ho haha liqhobosheane tse khōlō khahlanong le oona.+

  • Esaia 37:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 “‘Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng malebana le morena oa Assyria:+ “A ke ke a kena motseng ona,+ leha e le hore a fule motsu moo, kapa a tobane le oona ka thebe, kapa a hahe ’mōtōmōtō o o thibellang.”’+

  • Jeremia 6:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Remang lifate+ ’me le qhobele ’mōtōmōtō o thibellang Jerusalema.+ Ke motse oo ho tla ahloloa litaba tsa oona.+ Ka har’a oona ha ho letho haese khatello.+

  • Ezekiele 17:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka lebotho le leholo la sesole le ka phutheho e khōlō haholo Faro a ke ke a etsa hore a atlehe ntoeng,+ ka ho qhobela ’mōtōmōtō o thibellang le ka ho haha lerako le thibellang, e le hore a felise meea e mengata.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela