Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 5:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 U se ke ua li inamela kapa ua khanneloa hore u li sebeletse,+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng,+ ea tlisang kotlo bakeng sa liphoso tsa bo-ntate ho bara le ho moloko oa boraro le ho moloko oa bone, ho ba ntlhoeang;+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Mahlo a ka a felile ke meokho.+ Mala a ka a lubehile.+

      Sebete sa ka se tšolletsoe fatše,+ ka lebaka la ho oa ha morali oa sechaba sa heso,+

      Ka lebaka la ho tepella ha ngoana le ea anyang mapatlelong a motse.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Tsoha! U bokolle bosiu qalong ea litebelo tsa hoseng.+

      Tšollela pelo+ ea hao joaloka metsi ka pel’a sefahleho+ sa Jehova.

      Phahamisetsa liatla+ tsa hao ho eena ka lebaka la moea oa bana ba hao,

      Ba tepellang ka lebaka la tlala mateanong a literata tsohle.+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Matsoho a basali ba nang le qenehelo a phehile bana ba bona.+

      Ba fetohile ba joaloka bohobe ba matšeliso ho motho nakong ea ho ripitloa ha morali oa batho ba heso.+

  • Hosea 9:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Etsoe le hoja ba hōlisa bara ba bona, ke tla boela ke ba amohe bana hoo ho ke keng ha e-ba le monna;+ hobane—ho boetse ho malimabe bona ha ke ba furalla!+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela