Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ke tla lokela ho roba boikakaso ba matla a lōna ’me ke etse maholimo a lōna joaloka tšepe+ le lefatše la lōna joaloka koporo.

  • Deuteronoma 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ’me bohale ba Jehova ba le tukela, ’me a koala maholimo hoo pula e ke keng ea e-ba teng+ le naha e ke keng ea fana ka lihlahisoa tsa eona ’me la lokela ho timela ka potlako naheng e ntle eo Jehova a le fang eona.+

  • 1 Marena 8:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 “Ha leholimo le koetsoe hoo pula e sa neng,+ kahobane ba ’nile ba u siteloa,+ ’me ba rapela sebakeng+ sena le ho roka lebitso la hao, ’me ba furalla sebe sa bona, kahobane u ’nile ua ba hlorisa,+

  • 1 Marena 17:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Elia+ Motishba ea tsoang ho baahi ba Gileade+ a re ho Akabe: “Ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang+ eo ke emeng+ ka pel’a hae, lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula,+ haese ka taelo ea lentsoe la ka!”+

  • Jeremia 14:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka lebaka la mobu o senyehileng hobane ho sa ka ha e-ba le pula ea litloebelele naheng,+ lihoai li hlabiloe ke lihlong; li ikoahetse lihlooho.+

  • Amose 4:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 “‘Ha e le ’na, ke ile ka boela ka le hanela ka pula ea litloebelele ha ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse tharo pele ho kotulo;+ ’me ka nesa pula motseng o mong, empa motseng o mong ke ne ke sa nese pula. Ho ne ho e-ba le tšimo e neng e neloa ke pula, empa tšimo eo ke neng ke etsa hore e se ke ea neloa ke pula e ne e omella.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela