Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Kahoo le tla lokela ho ja nama ea bara ba lōna, ’me le je nama ea barali ba lōna.+

  • 2 Marena 6:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Morena a tsoela pele ho re ho eena: “Molato ke’ng ka uena?” Kahoo a re: “Mosali eena enoa o itse ho ’na, ‘Fana ka mora oa hao e le hore re ka mo ja kajeno, ’me hosasane re tla ja mora oa ka.’+

  • Jeremia 19:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ke tla etsa hore ba je nama ea bara ba bona le nama ea barali ba bona; ’me e mong le e mong o tla ja nama ea oa habo, ka lebaka la bothata le ka lebaka la khatello eo lira tsa bona le ba batlang meea ea bona ba tlang ho ba pota-pota ka eona.”’+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Bona, Jehova, ’me u talime+ eo u sebetsaneng le eena ka thata ka mokhoa ona.

      Na basali ba lokela ho tsoela pele ba ja litholoana tsa lipōpelo tsa bona, bana ba tsoetsoeng ba hōlile ka ho feletseng,+

      Kapa na moprista le moprofeta ba lokela ho bolaoa ka sehalalelong sa Jehova?+

  • Lillo Tsa Jeremia 4:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Matsoho a basali ba nang le qenehelo a phehile bana ba bona.+

      Ba fetohile ba joaloka bohobe ba matšeliso ho motho nakong ea ho ripitloa ha morali oa batho ba heso.+

  • Ezekiele 5:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “‘“Ka hona bo-ntate ba tla ja bara ka hare ho uena,+ ’me bara ba tla ja bo-ntat’a bona, ’me ke tla phethisa ho uena liketso tsa kahlolo le ho hasanyetsa bohle ba setseng ba hao moeeng o mong le o mong.”’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela