Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 3:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale Molimo a boela a re ho Moshe:

      “Sena ke seo u tla se bolella bara ba Iseraele, ‘Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna, Molimo oa Abrahama,+ Molimo oa Isaka+ le Molimo oa Jakobo,+ o nthomile ho lōna.’ Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ ’me sena ke sehopotso sa ka ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+

  • Exoda 6:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ke ne ke ee ke hlahe ho Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo+ ke le Molimo ea Matla ’Ohle,+ empa ke ne ke sa itsebahatse+ ho bona ka lebitso la ka la Jehova.+

  • Exoda 20:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “Ke ’na Jehova Molimo oa hao,+ ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, ka tlung ea makhoba.+

  • Pesaleme 83:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 E le hore batho ba ka tseba+ hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+

      Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa+ holim’a lefatše lohle.+

  • Pesaleme 113:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela+

      Lebitso la Jehova le lokela ho rorisoa.+

  • Esaia 42:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso+ la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka,+ kapa ka fa litšoantšo+ tse betliloeng thoriso ea ka.+

  • Malakia 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Haeba le sa mamele,+ ’me haeba le sa ho behe pelong+ hore le tlotlise lebitso la ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho, “ka sebele le ’na ke tla romela thohako+ holim ’a lōna, ’me ke tla rohaka litlhohonolofatso tsa lōna.+ E, ke rohakile tlhohonolofatso, hobane ha le ho behe pelong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela