Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 2:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Kahoo ba tlohela Jehova Molimo oa bo-ntat’a bona ea neng a ba ntšitse naheng ea Egepeta+ eaba ba latela melimo e meng har’a melimo ea lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle+ ’me ba qala ho e inamela, hoo ba ileng ba siteloa Jehova.+

  • 1 Marena 9:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova Molimo oa bona ea ntšitseng baholo-holo ba bona naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa. Ke ka lebaka leo Jehova a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+

  • 2 Marena 17:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Kahobane bara ba Iseraele ba ne ba sitetsoe+ Jehova Molimo oa bona, ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta ka tlas’a letsoho la Faro morena oa Egepeta,+ ’me ba qala ho tšaba melimo e meng;+

  • 2 Likronike 7:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ba tla lokela ho re, ‘Ka lebaka la hore ba tlohetse Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta,+ ’me ba itšoarella ho melimo+ e meng ’me ba e inamela le ho e sebeletsa.+ Ke ka lebaka leo a tlisitseng tlokotsi ena eohle holim ’a bona.’”+

  • Jeremia 19:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 ka lebaka la hore ba ntlohetse+ ’me ba entse hore sebaka sena e be se sa hlokomeleheng+ ’me ba entse mosi oa sehlabelo bakeng sa melimo e meng eo ba sa kang ba e tseba,+ bona le baholo-holo ba bona le marena a Juda; ’me ba tlatsitse sebaka sena ka mali a ba hlokang molato.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela