3 Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, e se eka Molimo oa hae a ka ba le eena.+ Kahoo a ke a nyolohele Jerusalema, e Juda, ’me a tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele—ke eena Molimo oa ’nete+—e neng e le Jerusalema.+
8 Se boleloang ke ’Musi Morena Jehova, ea bokellang batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele,+ ke sena: “Ke tla bokella ho eena ba bang ntle ho batho ba hae ba seng ba bokeletsoe.”+
37 ‘Bonang! ke ba bokella ho tsoa linaheng tsohle tseo ke tla beng ke ba qhalakanyelitse ho tsona ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka le ka tlhonamo e khōlō;+ ke tla ba khutlisetsa sebakeng sena ’me ke etse hore ba lule ba sireletsehile.+
13 Ke tla li ntša+ har’a lichaba ke li phuthe ho tloha linaheng ’me ke li tlise naheng ea tsona+ ke li fulise lithabeng tsa Iseraele, likotopong le libakeng tsohle tsa bolulo tsa naha.+