Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Eaba bohale ba Jehova bo tukela Baiseraele,+ hoo a ileng a nehelana ka bona matsohong a ba nkang thepa ka mahahapa, ’me ba qala ho e nkela thepa ka mahahapa;+ a ba rekisetsa lira tsa bona tse neng li ba pota-potile,+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho ema ka pel’a lira tsa bona.+

  • 1 Samuele 12:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ba qala ho lebala Jehova Molimo oa bona,+ hoo a ileng a ba rekisetsa+ Sisera+ molaoli oa lebotho la Hazore le Bafilista+ le morena oa Moabe,+ ’me ba ’na ba ba loantša.

  • Pesaleme 44:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 U rekisa batho ba hao ntle ho tefello ea letho,+

      Ha ua fumana leruo ka theko ea bona.

  • Esaia 50:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 50 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Joale, le hokae lengolo+ la tlhalo la ’m ’a lōna, eo ke itseng a tsamaee?+ Kapa ke ofe ho batho bao ke ba kolotang eo ke le rekisitseng ho eena?+ Bonang! Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lōna,+ ’me ’m ’a lōna ho itsoe a tsamaee ka lebaka la litlōlo tsa lōna.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela