Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+

  • Deuteronoma 27:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo se betliloeng+ kapa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ntho e manyala ho Jehova,+ ntho e entsoeng ka matsoho a ea sebetsang ka lehong le tšepe,+ ’me a e behile sebakeng se patehileng.’ (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’)+

  • Esaia 40:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Le ka tšoantša Molimo le mang,+ ’me le ka beha sebōpeho sefe haufi le eena?+

  • Liketso 17:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+

  • 1 Bakorinthe 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ka hona, baratuoa ba ka, le balehele+ borapeli ba litšoantšo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela