Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno,+ leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.”+

  • 1 Marena 21:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka lebaka leo Akabe a kena ka tlung ea hae, a hlomohile ebile a nyahame ka lebaka la lentsoe leo Nabothe Mojezriele a neng a mo boleletse lona, ha a ne a re: “Nke ke ka u fa lefa la baholo-holo ba ka.” Joale a robala holim ’a setulo sa hae se kang bethe ’me a lula a retelelitse sefahleho,+ ’me ha aa ka a ja bohobe.

  • Luka 12:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale a re ho bona: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono+ ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+

  • Baroma 7:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Joale, re tla re’ng? Na Molao ke sebe?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo! Ka sebele nka be ke sa tseba sebe+ hoja e ne e se ka lebaka la Molao; ka mohlala, nka be ke sa tseba ho chacheha ka mohono+ hoja Molao o ne o sa ka oa re: “U se ke ua chacheha ka mohono.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela