12 “Empa haeba le ka khutla ka tsela leha e le efe+ ’me la khomarela ho se setseng sa lichaba tsena,+ tse setseng le lōna, ’me la etsa lilekane tsa manyalo+ le tsona le ho kena har’a tsona, le tsona tsa kena har’a lōna,
2 ba tsoang lichabeng tseo ka tsona Jehova a neng a itse ho bara ba Iseraele: “Le se ke la kena har’a tsona,+ ’me ha lia lokela ho kena har’a lōna; kannete li tla etsa hore lipelo tsa lōna li batle ho latela melimo ea tsona.”+ Ke bona bao Solomone a ileng a ba khomarela+ ho ba rata.
2 Etsoe ba amohetse ba bang ba barali ba bona bakeng sa bona le bakeng sa bara ba bona;+ bona, peō e halalelang,+ ba tsoakane+ le lichaba tsa linaha tsena, ’me matsoho a likhosana le batlatsi ba babusisi a bile ka pele-pele+ ho se tšepahaleng hona.”