Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Empa ke lōna bao Jehova a ba nkileng hore a le ntše sebōping sa tšepe,+ Egepeta, hore le be sechaba sa hae+ joaloka letsatsing lena.

  • 1 Marena 8:51
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 51 (etsoe ke sechaba sa hao le lefa la hao,+ leo u le ntšitseng Egepeta,+ ka har’a sebōpi sa tšepe),+

  • Nehemia 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ke bahlanka ba hao+ le batho ba hao,+ bao u ba lopolotseng ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla.+

  • Pesaleme 74:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 Hopola phutheho ea hao eo u e fumaneng khale,+

      Moloko oo u o lopolotseng e le lefa la hao,+

      Thaba ena ea Sione eo u lutseng ho eona.+

  • Pesaleme 95:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  7 Etsoe ke eena Molimo oa rōna, ’me re batho ba lekhulo la hae le linku tsa letsoho la hae.+

      Kajeno haeba le mamela lentsoe la hae,+

  • Pesaleme 100:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Tsebang hore Jehova ke Molimo.+

      Ke eena ea re entseng, eseng rōna.+

      Re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela