Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 18:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “‘U se ke ua lumella hore ngoana leha e le ofe oa hao a neheloe+ ho Moloke.+ U se ke ua hlompholla+ lebitso la Molimo oa hao ka tsela eo. Ke ’na Jehova.+

  • Levitike 20:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 “U tla re ho bara ba Iseraele, ‘Motho leha e le ofe oa bara ba Iseraele, le mojaki leha e le ofe ea lulang e le mojaki Iseraele, ea fanang ka leha e le ofe oa bana ba hae ho Moloke,+ ruri o lokela ho bolaoa. Batho ba naha ba lokela ho mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa.

  • Deuteronoma 18:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong,+ leha e le mang ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose+ kapa leha e le mang ea batlang lipontšo+ tsa se tlang kapa moloi,+

  • 2 Marena 17:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 ba tsoela pele ho lahla melao ea hae ea tsamaiso le selekane+ sa hae seo a neng a se hlabile le baholo-holo ba bona le likhopotso+ tsa hae tseo a neng a ba lemositse ka tsona, ’me ba qala ho latela litšoantšo tse rapeloang+ tsa lefeela ’me ba fetoha ba se nang thuso,+ esita le ka ho etsisa lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle, tseo malebana le tsona Jehova a neng a ba laetse hore ba se ke ba etsa joaloka tsona;+

  • Jeremia 32:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ho feta moo, ba haha libaka tse phahameng tsa Baale+ tse phuleng ea mora oa Hinome,+ e le hore ba fetise bara ba bona le barali ba bona mollong+ ho Moloke,+ e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela eona,+ leha e le hore ho ile ha hlaha pelong ea ka ho etsa ntho ena e manyala,+ ka morero oa ho etsa hore Juda e etse sebe.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela