16 Etsoe u Ntat’a rōna;+ le hoja mohlomong Abrahama a sa ka a re tseba le Iseraele mohlomong a sa ka a re tseba, uena, Jehova, u Ntat’a rōna. Lebitso la hao ke Morekolli oa rōna oa khale.+
19 Ke itse, ‘Ke u behile har’a bara ’me ke u file naha e lakatsehang hakaakang,+ lefa la mokhabiso la mabotho a lichaba!’ Hape ke itse, ‘“Ntate!”+ Le tla hoeletsa ho ’na, ’me le ke ke la tlohela ho ntatela.’
6 ka sebele ho rōna ho na le Molimo a le mong+ Ntate,+ eo lintho tsohle li tsoang ho eena, ’me rōna re ba hae;+ ho na le Morena a le mong,+ Jesu Kreste,+ eo ka eena lintho tsohle li leng teng,+ le rōna re leng teng ka eena.