Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla futsaneha har’a lōna, hobane ruri Jehova o tla le hlohonolofatsa+ naheng eo Jehova Molimo oa lōna a le fang eona e le lefa hore le e rue,+

  • Deuteronoma 24:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “Haeba u kotula tšimong ea hao,+ ’me u lebetse ngata tšimong, u se ke ua khutla ho ea e nka. E tla lula bakeng sa mojaki, bakeng sa moshanyana ea se nang ntate le bakeng sa mohlolohali;+ e le hore Jehova Molimo oa hao a ka u hlohonolofatsa mosebetsing o mong le o mong oa letsoho la hao.+

  • Pesaleme 41:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+

      Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+

  • Liproverbia 22:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ea leihlo le mosa o tla hlohonolofatsoa, etsoe o file ea tlaase lijo tsa hae.+

  • Esaia 32:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ha e le ea fanang ka seatla se bulehileng, o fane ka keletso bakeng sa lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng; ’me o tla emela lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng.+

  • 2 Bakorinthe 9:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ho feta moo, Molimo o khona ho etsa hore mosa oohle oa hae o sa tšoanelang o le atele, e le hore, ha kamehla le ntse le itjara ka botlalo nthong e ’ngoe le e ’ngoe, le ka ba le ho hongata bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela