27 U fane ka linyehelo tsa hao tsa secheso,+ nama le mali,+ holim ’a aletare ea Jehova Molimo oa hao; mali a mahlabelo a hao a lokela ho tšolleloa aletareng ea Jehova+ Molimo oa hao, empa u ka ja nama.
11 Hamorao bara ba bang ba Iseraele ba utloa+ ho thoe: “Bonang! Bara ba Rubene le bara ba Gade le halofo ea moloko oa Manase ba hahile aletare moeling oa naha ea Kanana libakeng tsa Jordane lehlakoreng la bara ba Iseraele.”
28 Ka lebaka leo morena a tšoara therisano+ eaba o etsa manamane+ a mabeli a khauta ’me o re ho batho: “Ho boima haholo ho lōna ho nyolohela Jerusalema. Molimo oa hao ke enoa,+ Uena Iseraele, ea u ntšitseng naheng ea Egepeta.”+