17 “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno,+ leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.”+
15 Joale a re ho bona: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono+ ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+
14 Ba na le mahlo a tletseng bofebe+ le a sa khoneng ho khaotsa sebe,+ ’me ba eka meea e sa tsitsang. Ba na le lipelo tse koetliselitsoeng ho chacheha ka mohono.+ Ke bana ba rohakiloeng.+