19 Ke feela basali ba lōna le bana ba lōna ba banyenyane le liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng (ke tseba hantle hore le na le liphoofolo tse ngata tse ruiloeng) ba tlang ho tsoela pele ba lula metseng eo ke le fileng eona,+
8 Barubene le Bagade hammoho le halofo e ’ngoe ea moloko ba ile ba nka lefa la bona leo Moshe a ileng a ba fa lona ka lehlakoreng la Jordane nģ’a bochabela, feela joalokaha Moshe mohlanka oa Jehova a ne a ba file,+