17 Empa rōna re tla tsamaea re hlometse ka tlhophiso ea ntoa+ ka pel’a bara ba Iseraele ho fihlela neng kapa neng ha re se re ba tlisitse sebakeng sa bona, ha bana ba rōna ba banyenyane ba ntse ba lula metseng e nang le liqhobosheane hōle le lifahleho tsa baahi ba naha.
22 le naha e hlōloa ka pel’a Jehova,+ ’me ka mor’a moo le khutla,+ ruri le lōna le tla be le bontšitse hore ha le na molato khahlanong le Jehova le khahlanong le Iseraele; ’me naha ena e tla ba ea lōna e le letlotlo ka pel’a Jehova.+
20 ho fihlela Jehova a fa barab’abo lōna phomolo, joaloka lōna, ’me le bona ba ruile naha eo Jehova Molimo oa lōna a ba fang eona ka mose ho Jordane; ka mor’a moo le tla khutlela, e mong le e mong lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+