Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 15:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Moeli o ne o nyolohela phuleng ea mora oa Hinome+ ho ea letsoapong la Bajebuse+ ka boroa, ke ho re, Jerusalema;+ ’me moeli o ne o nyolohela tlhōrōng ea thaba e shebileng phula ea Hinome ho ea ka bophirimela, e leng pheletsong ea khohlo ea Barefaime+ ho ea ka leboea.

  • 2 Likronike 28:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A etsa mosi+ oa sehlabelo phuleng ea mora oa Hinome+ ’me a chesa bara+ ba hae mollong, ho ea ka lintho tse manyala+ tsa lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ka pel’a bara ba Iseraele.+

  • Jeremia 7:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+

  • Jeremia 19:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 U ee phuleng ea bara ba Hinome,+ e Hekeng ea Mangeta. ’Me moo u phatlalatse mantsoe ao ke tla u bolella ’ona.+

  • Matheu 5:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Leha ho le joalo, ke re ho lōna e mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse+ mor’abo o tla ikarabella+ lekhotleng la toka; empa mang kapa mang ea bitsang mor’abo ka lentsoe le ke keng la boleloa la keiso o tla ikarabella Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa; athe mang kapa mang ea reng, ‘Uena leoatla le eisehang!’ o tla lokeloa ke Gehena ea mollo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela