Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše.+

  • Levitike 26:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 “‘Le se ke la iketsetsa melimo ea lefeela,+ ’me le se ke la ikemisetsa setšoantšo se betliloeng+ kapa tšiea e halalelang, ’me le se ke la emisa lejoe e le setšoantšo+ naheng ea lōna hore le le inamele;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa lōna.

  • Deuteronoma 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 a tsamaea ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang,+

  • Deuteronoma 27:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “‘Ho rohakoe motho ea etsang setšoantšo se betliloeng+ kapa seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa,+ ntho e manyala ho Jehova,+ ntho e entsoeng ka matsoho a ea sebetsang ka lehong le tšepe,+ ’me a e behile sebakeng se patehileng.’ (Sechaba sohle se tla araba se re, ‘Amen!’)+

  • Baahloli 17:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Kahoo a khutlisetsa silevera ho ’m ’ae, eaba ’m ’ae o nka likotoana tsa silevera tse makholo a mabeli ’me o li fa setei sa silevera.+ Sa etsa setšoantšo se betliloeng+ le seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa;+ sa e-ba ka tlung ea Mikea.

  • Baahloli 18:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Ba kena ka tlung ea Mikea ’me ba nka setšoantšo se betliloeng, efoda le terafime le setšoantšo se entsoeng ka ho qhibilihisoa.+ Eaba moprista+ o re ho bona: “Le etsa’ng?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela