15 Eaba Joshua o re ho bona: “Haeba le sechaba se sengata, nyolohelang morung, ’me le ithemele oona naheng ea Bapereze+ le Barefaime,+ hobane sebaka se lithaba+ sa Efraime se fetohile se moqotetsane haholo bakeng sa lōna.”
16 Joale bara ba Josefa ba re: “Sebaka se lithaba ha sea lekana bakeng sa rōna, ’me ho na le likoloi tsa ntoa+ tse nang le mahare a tšepe har’a Bakanana bohle ba lulang naheng ea khohlo, ba leng Bethe-sheane+ le metseng e itšetlehileng ka eona le ba leng khohlong ea Jezriele.”+