Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 33:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 “‘Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lōna,+ joale bao le ba sieang har’a bona ka sebele e tla ba metsu mahlong a lōna le meutloa mahlakoreng a lōna, ’me ruri ba tla le tšoenya naheng eo le tla beng le lula ho eona.+

  • Deuteronoma 8:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 U hopole tsela eohle eo Jehova Molimo oa hao a u tsamaisitseng ka eona ka lilemo tsena tse mashome a mane lefeelleng,+ hore a u kokobetse,+ a u leke+ e le hore a tsebe se ka pelong ea hao,+ hore na u tla boloka litaelo tsa hae kapa che.

  • Joshua 23:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ka sebele le lokela ho tseba hore Jehova Molimo oa lōna a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena ka lebaka la lōna;+ ho lōna li tla ba joaloka sefi le joaloka leraba le joaloka chapo mahlakoreng a lōna+ le joaloka meutloa ka mahlong a lōna ho fihlela le timetse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona.+

  • Baahloli 3:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ba ’na ba sebeletsa e le baemeli ba ho leka+ Baiseraele e le hore ba tsebe hore na ba ne ba tla mamela litaelo tseo Jehova a neng a li laetse bo-ntat’a bona ka Moshe.+

  • Liproverbia 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Pitsa ea ho hloekisa ke bakeng sa silevera ’me sebōpi ke bakeng sa khauta,+ empa Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela