Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 11:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ke tla lokela ho theoha+ le ho bua le uena moo;+ ’me ke tla lokela ho nka o mong oa moea+ oa ka o ho uena ke o behe ho bona, ’me ba tla lokela ho u thusa ho jara mojaro oa sechaba e le hore u se ke ua o jara u le mong.+

  • Baahloli 6:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Moea oa Jehova+ oa aparela Gideone hoo a ileng a qala ho letsa lenaka,+ ’me Baabi-ezere+ ba bokelloa ka mor’a hae.

  • Baahloli 11:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Joale moea oa Jehova oa tla holim ’a Jafeta,+ ’me a feta Gileade le Manase ’me a feta Mizpe ea Gileade,+ ho tloha Mizpe ea Gileade a fetela pele ho bara ba Ammone.

  • Baahloli 14:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Joale moea oa Jehova oa sebetsa ho eena,+ hoo a ileng a e arola likoto tse peli, feela joalokaha motho a arola potsanyane e tona likoto tse peli, ’me ho hang ho ne ho se letho letsohong la hae. Ha aa ka a bolella ntat’ae kapa ’m ’ae seo a se entseng.

  • Baahloli 15:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 A fihla Lehi, ’me Bafilista ba hooa ka thabo e fetisisang ha ba kopana le eena.+ Eaba moea oa Jehova+ o sebetsa ho eena, ’me liropo tse neng li le matsohong a hae tsa e-ba joaloka likhoele tsa line tse tlabotsoeng mollong,+ hoo litlamo tsa hae li ileng tsa qhibiliha matsohong a hae.

  • 1 Samuele 11:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Moea+ oa Molimo oa sebetsa ho Saule ha a utloa mantsoe ana, ’me bohale ba hae ba tuka haholo.+

  • 1 Samuele 16:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ka lebaka leo Samuele a nka lenaka la oli+ ’me a mo tlotsa har’a barab’abo. Moea oa Jehova oa qala ho sebetsa ho Davida ho tloha letsatsing leo ho ea pele.+ Hamorao Samuele a tloha ’me a ea Rama.+

  • 2 Likronike 15:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale moea+ oa Molimo oa e-ba holim ’a Azaria mora oa Odede.+

  • Esaia 63:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eaba e mong o qala ho hopola matsatsi a khale, mohlanka oa hae Moshe: “O hokae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba mohlape oa hae?+ O hokae Ea kentseng moea oa Hae o halalelang ka hare ho eena?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela