24 ’me mollo oa tsoa ka pel’a Jehova+ eaba o qala ho chesa nyehelo ea secheso le likarolo tse mafura holim ’a aletare. Ha sechaba sohle se o bona, sa tlerola mohoo+ ’me sa qala ho itihela fatše ka lifahleho.
20 Kahoo eare ha lelakabe le nyoloha aletareng ho ea nģ’a leholimong, joale lengeloi la Jehova la nyoloha lelakabeng leo la aletare ha Manooa le mosali oa hae ba ntse ba talimile.+ Hang-hang ba itihela fatše ka lifahleho.+
38 Eaba mollo+ oa Jehova oa theoha ’me o chesa nyehelo ea secheso+ le likotoana tsa patsi le majoe le lerōle, ’me oa nyeka metsi a neng a le ka forong.+
26 Joale Davida a hahela Jehova aletare+ moo le ho nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, ’me a ipiletsa ho Jehova,+ eo joale a ileng a mo araba ka mollo+ o tsoang maholimong o tlang holim ’a aletare ea nyehelo ea secheso.
7Joale hang ha Solomone a qetile ho rapela,+ mollo oa theoha maholimong+ ’me oa chesa nyehelo ea secheso+ le mahlabelo, ’me khanya+ ea Jehova ea tlala ntlo.