2 Joale Jehova a re ho Gideone: “Batho ba nang le uena ba bangata haholo hore ke nehelane ka Bamidiane matsohong a bona.+ Mohlomong Baiseraele ba tla ithorisa+ khahlanong le ’na, ba re, ‘Ke letsoho la ka le mpholositseng.’+
6 Kahoo Jonathane a re ho mohlanka, mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”+
34 ba thiba matla a mollo,+ ba phonyoha bohale ba sabole,+ ho tloha boemong ba ho fokola ba etsoa ba matla,+ ba fetoha ba sebete ntoeng,+ ba qhalakanya mabotho a basele.+