-
Esthere 8:15Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
15 Ha e le Mordekai, a tloha ka pel’a morena a apere seaparo sa borena+ se seputsoa le line, a roetse moqhaka o moholo oa khauta, ’me a apere seaparo sa ka holimo sa lesela la boleng bo botle,+ esita le sa boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu.+ Motse oa Shushane oa tlerola litlatse ’me oa thaba.+
-
-
Jeremia 10:9Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
9 Ho tlisoa silevera e teiloeng hore e be makapa ho tsoa Tarshishe,+ le khauta e tsoang Ufaze,+ mosebetsi oa setsebi sa mesebetsi ea matsoho le oa matsoho a ea sebetsang ka tšepe; liaparo tsa bona ke tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu. Kaofela ke mosebetsi oa batho ba nang le tsebo.+
-