17 Esita le baahloli ba bona ha baa ka ba ba mamela, empa ba ba le likamano tse litšila+ le melimo e meng+ ’me ba e inamela. Kapele ba kheloha tsela eo baholo-holo ba bona ba neng ba tsamaile ho eona ka ho mamela litaelo tsa Jehova.+ Ha baa ka ba etsa joalo.
12 Sechaba sa ka se ntse se botsa+ litšoantšo tsa sona tsa lehong,+ ’me lere la matsoho a sona le ntse le se bolella; hobane moea oa bohlola o entse hore se hlahlathele,+ ’me ka bohlola se tloha tlas’a Molimo oa sona.+