Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 ha Ntate a ne a le loanela+ le ho beha moea+ oa hae kotsing e le hore a ka le lopolla letsohong la Bamidiane;+

  • 1 Samuele 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 O ile a beha moea oa hae seatleng+ sa hae ’me a bolaea Bafilista,+ hoo Jehova a ileng a tlisetsa Baiseraele bohle poloko+ e khōlō. U e bone, ’me ua thaba. Kahoo ke hobane’ng ha u ka siteloa mali a hlokang molato ka ho etsa hore Davida a bolaeloe+ lefeela?”+

  • 1 Samuele 28:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale mosali eo a tla ho Saule ’me a bona hore o ne a ferekane haholo. Kahoo a re ho eena: “Bona! lekhabunyane la hao le mametse lentsoe la hao, ’me ke behile moea oa ka seatleng+ sa ka le ho mamela mantsoe ao u mpoleletseng ’ona.

  • 2 Samuele 23:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 A tsoela pele ho re: “Ke ho sa utloahaleng,+ Jehova, hore ke etse sena! [Na ke tla noa] mali+ a banna ba tsamaeang ka ho beha meea ea bona kotsing?” Ha aa ka a lumela ho a noa.

      Tsena ke lintho tseo banna bao ba bararo ba matla ba ileng ba li etsa.

  • Jobo 13:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke hobane’ng ha ke tšoara nama ea ka ka meno

      Ke beha moea oa ka seatleng+ sa ka?

  • Pesaleme 119:109
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 109 Moea oa ka o ka letsohong la ka kamehla;+

      Empa ha kea lebala molao oa hao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela