Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 33:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka kōpo, nka mpho e fetisetsang tlhohonolofatso ea ka e tlisitsoeng ho uena,+ hobane Molimo o nkhauhetse le hobane ke na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”+ Eaba o tsoela pele ho mo phehella, hoo a ileng a e nka.+

  • 1 Samuele 25:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Hang-hang Abigaile+ a potlaka ’me a nka mahobe a makholo a mabeli le linkho tse khōlō tse peli tsa veine+ le linku tse hlano tse lokisitsoeng+ le litekanyo tse hlano tsa seah tsa lijo-thollo tse halikiloeng+ le mahobe a lekholo a morara o omisitsoeng+ le mahobe a makholo a mabeli a lifeiga tse khotliloeng+ eaba o a belesa liesele.

  • 1 Samuele 30:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ha Davida a fihla Ziklage a romela thepa e ’ngoe e hapuoeng ho banna ba baholo ba Juda, metsoalle ea hae,+ a re: “Ena ke mpho+ ea tlhohonolofatso bakeng sa lōna e tsoang thepeng e hapuoeng ea lira tsa Jehova.”

  • 2 Marena 5:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Joale a khutlela ho monna oa Molimo oa ’nete,+ eena le sehlopha sohle sa hae, eaba o fihla a ema ka pel’a hae ’me o re: “Bona! joale, ka sebele kea tseba hore ha ho na Molimo kae kapa kae lefatšeng haese Iseraele.+ Joale, ka kōpo amohela mpho ea tlhohonolofatso+ ho mohlanka oa hao.”

  • Liproverbia 18:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Mpho ea motho e tla mo bulela monyako o moholo,+ ’me e tla mo isa esita le ka pel’a batho ba baholo.+

  • Liproverbia 25:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Haeba ea u hloileng a lapile, u mo fe bohobe hore a je; ’me haeba a nyoriloe, u mo fe metsi hore a noe.+

  • Liproverbia 25:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Etsoe u bokella mashala hloohong ea hae,+ ’me Jehova o tla u putsa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela