Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 3:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Ke ka lebaka leo ke hlapanyelitseng ntlo ea Eli hore phoso ea ntlo ea Eli e ke ke ea lokolloa kotlong ka sehlabelo kapa ka nyehelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”+

  • 1 Samuele 4:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Areka ea Molimo ea haptjoa,+ eaba bara ba babeli ba Eli, Hofni le Finease, baa shoa.+

  • 1 Samuele 4:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Eitse motsotsong oo ka oona a buang ka areka ea Molimo oa ’nete, a qala ho oa setulong ka seetse ka thōko ho heke, ’me a robeha molala hoo a ileng a shoa, hobane monna eo o ne a tsofetse ebile a le boima; o ne a ahlotse Baiseraele ka lilemo tse mashome a mane.

  • 1 Samuele 14:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 (Akija mora oa Akitube,+ mor’abo Ikabode,+ mora oa Finease,+ mora oa Eli,+ moprista oa Jehova Shilo,+ o ne a jere efoda.)+ Batho ba ne ba sa tsebe hore Jonathane o tsamaile.

  • 1 Samuele 22:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Qetellong morena a re ho Doege:+ “Reteleha ’me u hlasele baprista!” Kapele-pele Doege Moedomo+ a reteleha ’me a hlasela baprista ’me letsatsing leo a bolaea+ banna ba mashome a robeli a metso e mehlano ba jereng efoda+ ea line.

  • 1 Marena 2:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Kahoo Solomone a leleka Abiathare ho sebeletseng e le moprista oa Jehova, ho phethahatsa lentsoe la Jehova leo a neng a le buile khahlanong le ntlo ea Eli+ Shilo.+

  • 1 Likronike 24:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Davida, le Tsadoke+ ea tsoang ho bara ba Eleazare, le Akimeleke+ ea tsoang ho bara ba Ithamare ba ikarola lihlopha bakeng sa mosebetsi oa bona tšebeletsong ea bona.+

  • Pesaleme 37:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Etsoe matsoho a ba khopo a tla robeha,+

      Empa Jehova o tla tšehetsa ba lokileng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela