Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 27:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka lebaka leo Akishe a lumela+ Davida, a ipolella ho re: “Ntle ho pelaelo o fetohile seputa har’a batho ba habo ba Iseraele;+ o tla lokela ho ba mohlanka oa ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”

  • 2 Samuele 14:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 joale lekhabunyane la hao le itse, ‘Ka kōpo, lentsoe la khosi ea ka morena le ke le fane ka phomolo.’ Etsoe feela joaloka lengeloi+ la Molimo oa ’nete ke tsela eo khosi ea ka morena a leng ka eona, ho khetholla se molemo le se sebe,+ ’me e se eka Jehova Molimo oa hao a ka ba le uena.”

  • 2 Samuele 14:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Mohlanka oa hao Joabe o entse ntho ena ka morero oa ho fetola ponahalo ea taba ena, empa moren ’a ka o bohlale joalokaha eka o na le bohlale ba lengeloi+ la Molimo oa ’nete e le hore a tsebe sohle se lefatšeng.”

  • 2 Samuele 19:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Kahoo a etselletsa+ mohlanka oa hao ho khosi ea ka morena. Empa khosi ea ka morena o joaloka lengeloi+ la Molimo oa ’nete, kahoo etsa se molemo mahlong a hao.

  • Liproverbia 14:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Morena o khahlisoa ke mohlanka ea etsang ka temohisiso,+ empa khalefo ea hae e ba ho ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong.+

  • Bagalata 4:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Seo e neng e le teko ho lōna nameng ea ka, ha lea ka la se eisa kapa la se tšoela ka mathe ka ho nyonya; empa le ile la nkamohela joaloka lengeloi+ la Molimo, joaloka Kreste Jesu.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela