Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 14:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Kahoo Jonathane a re ho mohlanka, mojari oa lihlomo tsa hae: “Tloo ’me re tšelele setsing se ka thōko sa sesole sa banna bana ba sa bollang.+ Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”+

  • 1 Samuele 17:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Davida a qala ho re ho banna ba neng ba eme haufi le eena: “Ho tla etsoa’ng ka monna ea bolaeang Mofilista+ eo ’me a tlosa nyeliso holim ’a Iseraele?+ Etsoe Mofilista eo ea sa bollang+ ke mang hore a nyelise+ makhotla a Molimo ea phelang?”+

  • 2 Samuele 1:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Le se ke la ho bolela Gathe;+

      Le se ke la ho tsebahatsa literateng tsa Ashkelone,+

      Esere barali ba Bafilista ba nyakalla,

      Esere barali ba banna ba sa bollang ba thaba.+

  • Ezekiele 44:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ha le tlisa basele ba sa bollang lipelong le ba sa bollang nameng,+ e le hore ba tle sehalalelong sa ka hore ba se silafatse, e leng ntlo ea ka; ha le hlahisa bohobe ba ka,+ mafura+ le mali,+ ha ba ntse ba tlōla selekane sa ka ka lebaka la lintho tsohle tsa lōna tse manyala.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela