Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 7:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Eaba Joshua o hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me o itihela fatše ka sefahleho+ ka pel’a areka ea Jehova ho fihlela ka shoalane, eena le banna ba baholo ba Iseraele, ba ’na ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong.+

  • 2 Samuele 13:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Joale Tamare a itšela ka molora+ hloohong, a hahola seaparo se selelele sa ka holimo se metsero seo a neng a se apere; a lula a behile matsoho hloohong+ ’me a qala ho tsamaea, a tsamaea a ntse a bokolla.

  • 2 Samuele 15:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Eitse ha Davida a fihla tlhōrōng ea thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ Moareke+ o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.+

  • Nehemia 9:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Letsatsing la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ena+ bara ba Iseraele ba bokana hore ba itime lijo+ ba apere masela a mokotla+ ’me ba itšetse ka mobu.+

  • Jobo 2:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ha e phahamisa mahlo e le hōle ha ea ka ea mo tseba ka nako eo. Ea phahamisa mantsoe ’me ea lla eaba e mong le e mong o hahola+ seaparo sa hae se se nang matsoho ’me o hasanyetsa lerōle maholimong eaba le oela lihloohong tsa bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela