Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 23:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “U se ke ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa batho ba bonang ka mokhoa o hlakileng ’me e ka khopamisa mantsoe a batho ba lokileng.+

  • Deuteronoma 16:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 U se ke ua khopamisa kahlolo.+ U se ke ua ba leeme+ kapa ua amohela tjotjo, etsoe tjotjo e foufatsa mahlo a ba bohlale+ ’me e khopamisa mantsoe a ba lokileng.

  • Pesaleme 15:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Ha aa fana ka chelete ea hae ka phaello,+

      Ha aa nka tjotjo khahlanong le ea hlokang molato.+

      Ea etsang lintho tsena le ka mohla a ke ke a therekelisoa.+

  • Pesaleme 26:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Bao matsohong a bona ho nang le boitšoaro bo hlephileng,+

      Le bao matsoho a bona a matona a tletseng tjotjo.+

  • Liproverbia 29:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ka toka morena o etsa hore naha e ’ne e eme,+ empa motho ea batlang tjotjo oa e liha.+

  • Esaia 1:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Likhosana tsa hao li manganga ’me ke balekane ba masholu.+ E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e rata tjotjo+ ’me e lelekisa limpho.+ Ha li ahlolele moshanyana ea se nang ntate; esita le nyeoe ea mohlolohali ha e lumelloe hore e fihle ho tsona.+

  • Esaia 33:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Ho na le ea tsamaeang ka ho loka+ ho tsoelang pele le ea buang se lokileng,+ ea hanang phaello ea ho hloka toka e tsoang ho ba bolotsana,+ ea hlohlorang matsoho hore a se ke a nka tjotjo,+ ea ithibang litsebe hore li se ke tsa mamela tšollo ea mali, le ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona se sebe.+

  • Mikea 3:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ba ka sehloohong ba hae ba ahlola feela bakeng sa tjotjo,+ le baprista ba hae ba rupela feela bakeng sa tefo,+ ’me baprofeta ba hae ba sebelisa bonohe bakeng sa chelete feela;+ empa leha ho le joalo ba ntse ba itšetleha ka Jehova, ba re: “Na Jehova ha a har’a rōna?+ Re ke ke ra oeloa ke tlokotsi.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela