Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 18:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Moshe a qala ho khetha banna ba nang le bokhoni har’a Baiseraele bohle ’me a ba fa maemo hore e be lihlooho tsa sechaba,+ e be balaoli ba ba likete, balaoli ba ba makholo, balaoli ba ba mashome a mahlano le balaoli ba ba mashome.

  • Baahloli 21:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ka lebaka leo banna ba baholo ba phutheho ba re: “Re tla etsa eng ka banna ba setseng mabapi le basali, etsoe basali ba felisitsoe ho Benjamine?”

  • 1 Samuele 4:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ha batho ba fihla liahelong banna ba baholo ba Iseraele ba qala ho re: “Ke hobane’ng ha Jehova a re hlōtse kajeno ka pel’a Bafilista?+ A re inkeleng areka ea selekane+ sa Jehova e Shilo, e le hore e ka tla har’a rōna ’me ea re pholosa liatleng tsa lira tsa rōna.”

  • 2 Samuele 5:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Kahoo banna bohle ba baholo+ ba Iseraele ba tla ho morena Hebrone, ’me Morena Davida a hlaba selekane+ le bona Hebrone ka pel’a Jehova; ka mor’a moo ba tlotsa+ Davida hore e be morena oa Iseraele.+

  • 1 Marena 20:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Eaba morena oa Iseraele o bitsa banna bohle ba baholo ba naha+ ’me o re: “Ka kōpo, elang hloko ’me le bone hore enoa o batla+ tlokotsi; etsoe o romelelitse ho ’na a batla basali ba ka le bara ba ka le silevera ea ka le khauta ea ka, ’me ha kea ka ka mo hanela ka tsona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela