Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 1:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Ka mor’a moo batho bohle ba nyoloha ba mo latela, ’me batho ba ne ba letsa makolilo+ ba thabile ka nyakallo e khōlō,+ hoo lefatše+ le ileng la petsoha ke lerata la bona.

  • 2 Marena 11:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joale a talima, ’me morena o ne a eme moo haufi le tšiea+ ho ea ka tloaelo, ’me baokameli le literompeta+ ba le haufi le morena, ’me batho bohle ba naha ba thabile+ ebile ba letsa literompeta. Kapele-pele Athalia+ a hahola liaparo tsa hae ’me a qala ho hooa: “Morero oa bolotsana! Morero oa bolotsana!”+

  • 1 Likronike 12:40
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 40 Le ba haufi le bona, ho ea fihla Isakare+ le Zabulone+ le Nefthali,+ ba ne ba tlisa lijo li belesitsoe liesele+ le likamele le limmoulo le likhomo, lijo tse entsoeng ka phofo,+ bohobe ba lifeiga+ tse khotliloeng le bohobe ba morara+ o omisitsoeng le veine+ le oli+ le likhomo+ le linku+ tse ngata haholo, etsoe ho ne ho e-na le thabo+ Iseraele.

  • Tšenolo 19:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka utloa seo e neng eka ke lentsoe la bongata bo boholo le se kang molumo oa metsi a mangata le se kang molumo oa lialuma tse matla. Sa re: “Rorisang Jah,+ hobane Jehova Molimo oa rōna, ea Matla ’Ohle,+ o qalile ho busa e le morena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela