Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 17:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 Joale eare ha Saule a bona Davida a tsoa ho ea kopana le Mofilista, a re ho Abnere+ molaoli oa lebotho: “Moshanyana+ eo ke mora oa mang,+ Abnere?” Eaba Abnere o re: “Ka moea oa hao o phelang, morena, ho hang ha ke tsebe!”

  • 1 Samuele 20:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Empa ho phaella moo Davida a hlapanya+ ’me a re: “E tlameha ebe ntat’ao oa tseba hore ke fumane kamohelo mahlong a hao,+ kahoo o ne a ka re, ‘Le se ke la lumella Jonathane hore a tsebe sena esere a utloa bohloko.’ Empa, ha e le hantle, ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ ho na le hoo e ka bang mohato feela pakeng tsa ka le lefu!”+

  • 2 Samuele 11:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Eaba Uria o re ho Davida: “Areka+ le Baiseraele le Bajuda ba lula maphepheng, ’me moren ’a ka Joabe le bahlanka ba moren ’a ka+ ba hlomme liahelo naheng, ’me ’na—na ke tla ea ka tlung ea ka ho ea ja le ho noa le ho robala le mosali oa ka?+ Ka bophelo ba hao le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka etsa ntho ena!”

  • 2 Marena 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Elia a qala ho re ho Elisha: “Ka kōpo, lula mona hobane Jehova o nthomile ho ea fihla Bethele.” Empa Elisha a re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u tlohela.”+ Kahoo ba theohela Bethele.+

  • 2 Marena 4:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Eaba ’mè oa moshanyana o re: “Ka Jehova ea phelang+ le ka moea oa hao o phelang,+ nke ke ka u siea.”+ Kahoo a ema ’me a tsamaea le eena.

  • Moeklesia 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa;+ empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho,+ leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela