8 Kea theoha ho ea se lopolla matsohong a Baegepeta+ le ho se ntša naheng eo ho se isa naheng e ntle le e khōlō, naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ sebakeng sa Bakanana le Bahethe le Baamore le Bapereze le Baheve le Bajebuse.+
24 Kahoo ke itse ho lōna:+ “Le tla rua naha ea tsona, ’me ke tla le fa eona hore le e rue, naha e phallang lebese le mahe a linotši.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna, ea le arotseng ho lichaba.”+
27 Ba tsoela pele ho mo tlalehela ’me ba re: “Re kene naheng eo u re rometseng ho eona, ’me ruri e phalla lebese le mahe a linotši,+ ’me tsena ke litholoana tsa eona.+
4 Empa Johanne o ne a apere liaparo tsa boea+ ba kamele ’me a itlamme lethekeng ka senyepa+ sa letlalo; lijo tsa hae le tsona e ne e le litsie+ le mahe a linotši+ a naheng.