6 “‘Ha e le moea o retelehelang ho ba buisanang le meea+ le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele+ hoo o bang le likamano tse litšila le bona, ka sebele ke tla tjamela moea oo ’me ke o felise har’a batho ba habo oona.+
10 Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea fetisang mora oa hae kapa morali oa hae mollong,+ leha e le mang ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose+ kapa leha e le mang ea batlang lipontšo+ tsa se tlang kapa moloi,+
3 Joale Samuele o ne a shoele, ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Ha e le Saule, o ne a tlositse naheng ba buisanang le meea le litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.+
13 Kahoo Saule a shoa ka lebaka la ho se tšepahale+ ha hae hoo ka hona a neng a itšoere ka ho hloka tumelo khahlanong le Jehova malebana le lentsoe la Jehova leo a neng a sa ka a le boloka le ka lebaka la ho kōpa ea buisanang le meea+ hore a e botse.
19 Haeba ba ka re ho lōna: “Botsang ba buisanang+ le meea kapa ba nang le moea oa ho bolela lintho esale pele ba llang+ joaloka nonyana ba buang ka mantsoe a tlaase,” na batho leha e le bafe ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona?+ [Na ho tla botsoa] batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+