Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 20:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Haeba u il’o loantša lira tsa hao ’me u bona lipere le likoloi tsa ntoa,+ sechaba se sengata ho u feta, u se ke ua se tšaba; etsoe Jehova Molimo oa hao ea u ntšitseng naheng ea Egepeta,+ o na le uena.+

  • Joshua 1:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Na ha kea u laela?+ E-ba sebete ’me u be matla. U se ke ua haroha letsoalo kapa ua tšoha,+ etsoe Jehova Molimo oa hao o na le uena kae kapa kae moo u eang teng.”+

  • 1 Samuele 17:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ha e le banna bohle ba Iseraele, ha ba bona monna eo, ba qala ho baleha ka lebaka la hae ’me ba ne ba tšohile haholo.+

  • Pesaleme 27:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Jehova ke leseli+ la ka le poloko+ ea ka.

      Ke tla tšaba mang?+

      Jehova ke qhobosheane ea bophelo ba ka.+

      Ke tla tšoha mang?+

  • Esaia 51:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “’Na—ke ’na Ea le tšelisang.+

      “U mang hore u tšabe motho ea shoang ea tla shoa,+ le mora oa moloko oa batho ea tla etsoa hore a be joaloka joang bo botala?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela