6 Ke tla mo romela khahlanong le sechaba sa bokoenehi,+ ’me ke tla mo fa taelo khahlanong le batho bao ke ba halefetseng,+ hore a nke thepa e ngata e hapuoeng le hore a nke se tlatlapuoeng ’me a se etse sebaka sa ho hatakeloa joaloka letsopa literateng.+
10 Sera sa ka se tla bona, se tla apareloa ke lihlong,+ se neng se re ho ’na: “Jehova Molimo oa hao o hokae?”+ Mahlo a ka a tla se talima.+ Joale se tla fetoha sebaka sa ho hatakeloa, joaloka seretse sa literateng.+
5 Ba tla ba joaloka banna ba matla+ ba hatakelang seretseng sa literata ntoeng.+ Ba tla kenella ntoeng, kaha Jehova o na le bona;+ ’me bapalami ba lipere ba tla hlajoa ke lihlong.+