7 Kahoo ba ikhirela likoloi+ tse likete tse mashome a mararo a metso e ’meli le morena oa Maaka le batho ba hae.+ Joale ba kena ’me ba hloma liahelo ka pel’a Medeba;+ ha e le bara ba Ammone, ba bokana ho tsoa metseng ea bona ba ntan’o kena bakeng sa ntoa.