Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 30:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Etsoe kea tseba hore u tla etsa hore ke khutlele lefung,+

      Le ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.

  • Moeklesia 3:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Bohle ba ea sebakeng se le seng.+ Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng,+ ’me bohle ba khutlela lerōleng.+

  • Moeklesia 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao,+ etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+

  • Liketso 2:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 “Banna, barab’eso, hoa lumelleha ho bua le lōna ka bolokolohi malebana le hlooho ea lelapa Davida, hore o ile a shoa+ a ba a patoa ’me lebitla la hae le har’a rōna ho fihlela letsatsing lena.

  • Liketso 2:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Ha e le hantle Davida ha aa ka a nyolohela maholimong,+ empa o re, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona,+

  • Liketso 13:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Etsoe ka lehlakoreng le leng, Davida+ o ile a sebeletsa thato e boletsoeng ka ho hlakileng ea Molimo molokong oa hae ’me a robala lefung eaba o behoa le baholo-holo ba hae ’me a fela a bona ho bola.+

  • Baroma 5:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke ka lebaka leo, feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho+ a le mong le lefu+ la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe+—.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela