8 A tsoela pele ho re ho bona: “Khutlelang litenteng tsa lōna ka maruo a mangata le ka liphoofolo tse ngata tse ruiloeng, hammoho le silevera le khauta le koporo le tšepe le liaparo ka bongata bo boholo.+ Nkang karolo ea lōna ea thepa e hapuoeng+ ea lira tsa lōna hammoho le barab’abo lōna.”
20 Kahoo Davida a nka mehlape eohle ea likhutšoane le mehlape ea liphoofolo tse khōlō, eo ba ileng ba e khanna ka pel’a liphoofolo tse ling tse ruiloeng. Joale ba re: “Ena ke thepa e hapuoeng ea Davida.”+
22 Bonang! bahlanka ba Davida le Joabe ba ne ba tsoa phutuhong, ’me thepa e hapuoeng+ eo ba neng ba tlile le eona e ne e le ngata. Ha e le Abnere, o ne a se ’moho le Davida Hebrone, kaha o ne a itse a tsamaee, eaba o tsamaea ka khotso.
11 Le tsona Morena Davida a li halaletsa ho Jehova, hammoho le silevera le khauta eo a neng a e halalelitse e tsoang ho lichaba tsohle tseo a neng a li hlōtse,+