Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 4:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Arone le bara ba hae ba qete ho koahela sebaka+ se halalelang le lisebelisoa+ tsohle tsa sebaka se halalelang ha batho ba lulang liahelong ba tloha, ka mor’a moo bara ba Kohathe ba tla kena ho tla li nka,+ empa ba se ke ba ama+ sebaka se halalelang e le hore ba se ke ba shoa. Lintho tsena ke mojaro oa bara ba Kohathe ka tenteng ea pokano.+

  • Numere 7:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Empa a se ke a fa bara ba Kohathe letho, hobane tšebeletso ea sebaka se halalelang e ne e le ho bona.+ Ba ne ba jara ka mahetla.+

  • 1 Samuele 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Kahoo batho ba romeletsa Shilo ’me ho tloha moo ba jara areka ea selekane sa Jehova oa mabotho, ea lutseng holim ’a likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli ba ne ba le moo le areka ea selekane sa Molimo oa ’nete, e leng Hofni le Finease.+

  • 1 Likronike 15:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 E bile nakong eo Davida a ileng a re: “Ha ho ea lokelang ho jara areka ea Molimo oa ’nete haese Balevi, etsoe ke bona bao Jehova a ba khethileng hore ba jare areka ea Jehova+ le ho mo sebeletsa+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela