Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 Bonang joale ke ’na—ke ’na eena+

      ’Me ha ho melimo e meng hammoho le ’na.+

      Kea bolaea, ’me kea phelisa.+

      Ke ntšitse maqeba a mabe,+ ’me ’na—ke tla folisa,+

      ’Me ha ho ea hloibilang letsohong la ka.+

  • 1 Samuele 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  6 Jehova ke ’Molai le ’Moloki oa bophelo,+

      Ke Ea Theolelang Sheole,+ ’me Oa nyolla.+

  • 2 Marena 4:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Qetellong a nyoloha eaba o robala holim ’a ngoana+ eo ’me o beha molomo oa hae holim ’a molomo oa hae le mahlo a hae holim ’a mahlo a hae le liatla tsa hae holim ’a liatla tsa hae eaba o tsoela pele a iname holim ’a hae, ’me butle-butle nama ea moshanyana eo ea futhumala.

  • 2 Marena 13:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Eitse ha ba ntse ba pata motho, joale ba bona sehlopha se futuhang. Hang-hang ba lahlela motho eo sebakeng sa lepato sa Elisha ’me ba tsamaea. Ha motho eo a ama masapo a Elisha, kapele-pele a phela+ ’me a ema ka maoto.+

  • Luka 7:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m ’ae.+

  • Luka 8:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 Eaba moea+ oa hae oa khutla, ’me o tsoha+ hang-hang, eaba o laela hore a fuoe se jeoang.+

  • Johanne 5:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng+ a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae

  • Johanne 11:44
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 44 Monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela a thatelang,+ ’me sefahleho sa hae se ne se thatetsoe hohle ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo lokolleng ’me le mo tlohele a tsamaee.”

  • Liketso 9:41
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Ha a mo tšoara ka letsoho, a mo phahamisa,+ eaba o bitsa bahalaleli le bahlolohali ’me o mo hlahisa ho bona a phela.+

  • Liketso 20:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa Pauluse a theohela mokatong o ka tlaase, a ikakhela holim ’a hae+ ’me a mo kopa eaba o re: “Khaotsang ho tlatsa lerata, etsoe moea oa hae o ho eena.”+

  • Baroma 14:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Etsoe ho finyella sena Kreste o ile a shoa ’me a phela hape,+ e le hore e ka ba Morena oa bafu+ hammoho le ba phelang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela