24 Jehova a bonahala ho eena bosiung boo ’me a re: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao Abrahama.+ U se ke ua tšoha,+ hobane ke na le uena, ’me ke tla u hlohonolofatsa ke atise peō ea hao ka lebaka la mohlanka oa ka Abrahama.”+
7 Molimo oa rōna,+ na ha ua ka ua leleka baahi ba naha ee hore ba tlohe ka pel’a sechaba sa hao sa Iseraele+ ’me joale ua e fa+ peō ea Abrahama, ea u ratang,+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang?