Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 29:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Joale ba tla lokela ho re, ‘Ke kahobane ba tlohetse selekane+ sa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se hlabileng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+

  • Baahloli 2:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Qetellong bohale ba Jehova ba tukela+ Iseraele ’me a re: “Ka lebaka la hore sechaba sena se tlōtse selekane sa ka+ seo ke se laetseng baholo-holo ba sona ’me ha sea mamela lentsoe la ka,+

  • 1 Marena 8:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa+ a mabeli a majoe ao Moshe a neng a a behile+ moo Horebe, ha Jehova a ne a entse selekane+ le bara ba Iseraele ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta.+

  • 2 Marena 17:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 ba tsoela pele ho lahla melao ea hae ea tsamaiso le selekane+ sa hae seo a neng a se hlabile le baholo-holo ba bona le likhopotso+ tsa hae tseo a neng a ba lemositse ka tsona, ’me ba qala ho latela litšoantšo tse rapeloang+ tsa lefeela ’me ba fetoha ba se nang thuso,+ esita le ka ho etsisa lichaba tse neng li ba pota-potile ka hohle, tseo malebana le tsona Jehova a neng a ba laetse hore ba se ke ba etsa joaloka tsona;+

  • Baheberu 8:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 eseng ho ea ka selekane+ seo ke ileng ka se hlaba le baholo-holo ba bona letsatsing la ha ke ba tšoara ka matsoho ho ba ntša naheng ea Egepeta,+ hobane ha baa ka ba lula selekaneng+ sa ka, hoo ke ileng ka khaotsa ho ba hlokomela,’ ho bolela Jehova.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela