18 Letsatsing leo Jehova a hlaba selekane le Abrame,+ a re: “Ke tla fa peō ea hao naha ena,+ ho tloha nōkeng ea Egepeta ho ea nōkeng e khōlō, nōka ea Eufrate:+
31 “Ke tla beha moeli oa lōna ho tloha Leoatleng le Lefubelu ho ea leoatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ea Nōkeng;+ hobane ke tla nehelana ka baahi ba naha matsohong a lōna, ’me ka sebele le tla ba leleka ka pel’a lōna.+
24 Sebaka se seng le se seng seo bohato ba maoto a lōna bo hatang ho sona e tla ba sa lōna.+ Moeli oa lōna o tla tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone, ho tloha Nōkeng, nōka ea Eufrate, ho ea leoatleng le ka bophirimela.+
16 Ha Basyria ba bona hore ba hlōtsoe+ ka pel’a Baiseraele, ba romela manģosa le ho ntša Basyria ba neng ba le sebakeng sa Nōka,+ Shofake molaoli oa lebotho la Hadadezere a le ka pel’a bona.